Luka 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na? BIBELE Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?” Baasraak Sotho NT A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na? |
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Jesu a re ho bona: Sabatha a entswe ka baka la motho, motho ha a etswa ka baka la Sabatha.
A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.
Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.
Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.
mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.