A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.
Luka 11:51 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona. BIBELE ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.’ E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona. Baasraak Sotho NT Ho qala ka madi a Abele ho isa mading a Sakaria ya bolailweng pakeng tsa aletare le Tempele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho qala ka madi a Abele ho isa mading a Sakaria ya bolailweng pakeng tsa aletare le Tempele. |
A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.
O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.
Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re:
madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.
Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.
ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.
mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.