Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Empa wena o tlo re ho bona: ‘Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:28
21 Referencias Cruzadas  

Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?


Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.


Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;


Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.


Empa ha ba ka ba utlwa leha e le ho sekeha ditsebe, ba ile ba satalatsa melala, hore ba se ke ba utlwa, ba se ke ba amohela thuto.


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Ba nneile seholoholo, e seng sefahleho. Nkile ka nna ka ba ruta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ho ba ruta, ba mpa ba sa ka ba mamela hore ba amohele kgalemelo.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.


Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Ha o mamele lentswe, ha o amohele kgalemelo, ha o tshepe Jehova; ha o atamele ho Modimo wa wona.


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos