Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.
Luka 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe. BIBELE Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo. Baasraak Sotho NT Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo. |
Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.
A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung ha e mong, le dule teng, le tle le be le tlohe teng.
Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona.
Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.
A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.
Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.
a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.
Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.