Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:7
18 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung, le dule teng ho fihlela le tloha teng.


Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona.


Ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, le ntoo tloha teng.


Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.


A ba isa tlung ya hae, a ba abela dijo, mme a thaba le bohle ba ntlo ya hae, kahobane a dumetse ho Modimo.


Yaba ba tswa tjhankaneng, ba kena tlung ya Lidia, mme ha ba bona baena, ba ba tshedisa, mme ba ikela.


Ya rutwang lentswe a a abelane le ya mo rutang dinthong tsohle tse molemo.


Hape, ba ithuta ho ba botswa, ba ntse ba lelera le matlo; mme e seng ba botshwakga fela, mme e bile e le basebi le ba ba itsegeng, ba bua dilo tse ba sa tshwanelang go di bua.


Molemi ya sebetsang ka thata o tshwanetse ho ja ditholwana pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos