Athe nna, malwetseng a bona ka itlama ka lesela le mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka rapela ka hlooho e kobotetseng sefubeng;
Luka 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona. BIBELE Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona. Baasraak Sotho NT Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona. |
Athe nna, malwetseng a bona ka itlama ka lesela le mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka rapela ka hlooho e kobotetseng sefubeng;
Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;
Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.
Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.
Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.
Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!
O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.
Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.