Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.
Aarone le bara ba hae ba ne ba hlahisa mahlabelo aletareng ya ditjheso le dibano aletareng ya dibano; hape ba ne ba neilwe mesebetsi yohle ya sehalaledisiso, hore ba etsetse Iseraele pheko, kahohle kamoo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a laetse kateng.
Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.
Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.
Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
Ntho tseo, ha di ne di lokisitswe jwalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi wohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tsa tshebeletso ya Modimo teng;
ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?