Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:9 - BIBELE

9 ho ya ka moetlo wa boprista, a kgethwa ka lotho hore a kene ka Tempeleng ya Morena ho kubetsa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 kamoo e leng mokgwa wa boprista kateng, a abelwa ho kena tempeleng ya Morena ho tjhesa dibano.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ho ya ka mokgwa wa boprista, lotho ya hae ya eba ho tjhesa dibano, ha a kena ka Tempeleng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ho ya ka mokgwa wa boprista, lotho ya hae ya eba ho tjhesa dibano, ha a kena ka Tempeleng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:9
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla.


Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.


Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


Hoba a akgele ditjhelete tseo ka Tempeleng, a tloha, a ya iphenetha.


Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona.


Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos