Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Luka 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi. BIBELE Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile. Baasraak Sotho NT Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse. |
Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.
Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.
Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.
Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.
Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.
Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.
Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.
O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.