Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:1
13 Referencias Cruzadas  

Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.


Abrahama o ne a tsofetse, a atetswe ke matsatsi, mme Jehova o ne a hlohonolofaditse Abrahama dinthong tsohle.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Davida o ne a le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho busa; mme a busa ka dilemo tse mashome a mane.


Bathe-Sheba a kena ka ho morena, ka tlung e kahare. Morena o ne a tsofetse haholo, mme Abishage wa Shuneme o ne a ntse a sebeletsa morena.


Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.


Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


Hape, ha ba babedi ba robala hammoho, ba tla futhumala; ya nnotshi yena a ka futhumala jwang?


Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.


Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos