Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:2
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!


Mofutsana o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi, eo a e rekileng, a e fepile, e hotse ha hae hammoho le bana ba hae, e ntse e eja dijo tsa hae, e enwa mohopeng wa hae, e robala sefubeng sa hae, ho yena eka ke moradi.


Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.


Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena.


Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.


Yaba bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Morena a ke a batlelwe barwetsana ba batle ba dikgarebe;


Hape, ha ba babedi ba robala hammoho, ba tla futhumala; ya nnotshi yena a ka futhumala jwang?


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos