Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.
Luka 1:52 - Sesotho 1909/1961 (SO) o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng; BIBELE a theola babusi diteroneng, a phahamisa ba eisehang, Baasraak Sotho NT O theotse ba matla ditulong tsa bona, mme o phahamisitse ba tlase. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O theotse ba matla ditulong tsa bona, mme o phahamisitse ba tlase. |
Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.
Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.
Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;
Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.
Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.
Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.