Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 4:14
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o romela ho bitsa Josefa; ba phakisa ba mo ntsha teronkong, mme a beolwa, a apeswa diaparo disele, a tla ho Faro.


Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


Jojakime a orohela ho bontatae, mme mora hae, Jojakine, ya eba morena tulong tsa hae.


Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.


Ke bone bohle ba phelang, ba tsamayang tlasa letsatsi, ha ba latela mohlankana eo ya tshwanetseng ho hlahlama morena boreneng,


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos