Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Luka 1:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria. BIBELE ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria. Baasraak Sotho NT ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria. |
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.
Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena.
Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.
Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.
Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!