Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]
Luka 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona, BIBELE Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona, Baasraak Sotho NT Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri, |
Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]
Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.
E mong o lekanya letsatsi le leng hoba le leholo ho a mang, kanthe e mong o re, matsatsi kaofela a lekana. E mong le e mong a ke a kgolwe hantle moyeng wa hae.
dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,
Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.
Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.
a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
Empa re rata hoba e mong le e mong a ka nna a hlahisa tjheseho yona eo ho isa qetellong, tshepo ya lona e tle e phethehe;