Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:1 - BIBELE

1 Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri,

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:1
13 Referencias Cruzadas  

Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.


O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.


hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos