Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.
Levitike 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa: BIBELE “Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena: |
Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.
Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo.
O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao.
Ekare ha motho a eja dintho tse kgethehileng ka ho se tsebe, o tla busetsa ho moprista theko ya ntho eo e kgethehileng, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona.
Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:
Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.
Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato.
le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.
Haele mmolai ya ka balehelang teng ho boloka ho phela ha hae, ha e ke e be ya tshohileng a bolaya wa habo a sa rate, eo a neng a sa mo hloya maoba le maobane.
nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.
mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.
Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.
Haele Jonathane, o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a isa ntlha ya lere leo a le tshwereng, a e kenya kgekgeng, a ntoo isa ka letsoho molomong wa hae, mme mahlo a hae a ela.