Joshua 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Joshua: Otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao. Mme Joshua a otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hae. BIBELE Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae. |
Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Tlohela setjhaba sa ka se ye ho ntshebeletsa.
Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Otlollela letsoho la hao, le lere la hao melapong le dinokeng le matsheng, mme o nyolle dihohwana di tlale naha ya Egepeta.
Ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, mme matsoho a Faro a tla keba, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke beang lerumo la ka letsohong la morena wa Babilona, mme a le otlollelang lefatshe la Egepeta.
ha ho a ka ha sala monna Ai le Bethele, ya sa phallelang Baiseraele; mme ba siya motse o butswe, mme ba phallela Baiseraele.
Jwale ba mekgahlelo ba tloha kapele moo ba dutseng teng, ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba titima, ba kena motse, ba o nka, mme ba phakisa ba tjhesa motse.
Hobane Joshua, ha a ka a honyetsa letsoho la hae leo a le otlolotseng, le tshwereng lerumo, ho fihlela a timeleditse ruri bohle ba ahileng Ai.
Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.
Mofilesta yena a tloha, a ikatametsa ho Davida, monna ya jereng thebe ya hae a mo eteletse pele.
Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.
O ne a rwetse dikgohlo tsa koporo dihlafung tsa hae, a jere le lerumo la koporo pakeng tsa mahetla.