Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 Yaba Davida o re ho Mofilesita: “O ntlela ka sabole, le ka lerungwana, le ka mophekapheka wa lerumo, empa nna ke tla ka lebitso la Morena wa mabotho, Modimo wa mara a Iseraele, ao o ntseng o a tlaka.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:45
21 Referencias Cruzadas  

Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.


Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.


Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.


Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)


Hobane ha ke tshepe seqha sa ka, ha ke bolokwe ke lerumo la ka;


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


O ne a rwetse dikgohlo tsa koporo dihlafung tsa hae, a jere le lerumo la koporo pakeng tsa mahetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos