1 Samuele 17:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)46 Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng. Ver CapítuloBIBELE46 Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng. Ver Capítulo |
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.