Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ha ho a ka ha sala monna Ai le Bethele, ya sa phallelang Baiseraele; mme ba siya motse o butswe, mme ba phallela Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ha ho motho le ya mong Ai kapa Bethele, ya ileng a sala, a se ke a tswa ho phaladisa Baiseraele. Ba siya motse o sa sireletswa, ba phaladisa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:17
9 Referencias Cruzadas  

O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa.


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Setjhaba sohle se motseng sa memuwa ho ba phallela; ba phallela Joshua, mme ba hulelwa hole le motse;


Yaba Jehova o re ho Joshua: Otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao. Mme Joshua a otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hae.


Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.


Bana ba Benjamine ba tswa ho kgahlanyetsa setjhaba, mme ba hulelwa hole le motse; hona teng, ba hla ba bolaya ba bang ba setjhaba, jwaloka pele, tseleng e nyolosetsang Bethele le tsela e yang Gibea, e le hara naha, mme ha eshwa Baiseraele ba batlileng ho etsa mashome a mararo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos