Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:17 - BIBELE

17 Ha ho motho le ya mong Ai kapa Bethele, ya ileng a sala, a se ke a tswa ho phaladisa Baiseraele. Ba siya motse o sa sireletswa, ba phaladisa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ha ho a ka ha sala monna Ai le Bethele, ya sa phallelang Baiseraele; mme ba siya motse o butswe, mme ba phallela Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:17
9 Referencias Cruzadas  

ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


Ha bitswa banna bohle ba neng ba le kahara motse wa Ai, ho phaladisa Baiseraele. Ba phaladisetsa bo-Joshua hole le motse.


Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae.


Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.


Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos