A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.
Joshua 7:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona. BIBELE Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.” |
A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.
Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.
Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)
Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.
Ke tla etsa hore banna ba hlokwe ho fetisa kgauta e ntle, ba hlokwe ho fetisa kgauta e hlwekileng ya Ofire.
Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.
Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,
Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.
Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.
A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;
Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.
Ebile Akane o araba Joshua, a re: Efela ke sitetswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ka etsa ka hore le ka hore.
Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.
Yaba Saule o re ho Jonathane: Ntsebise seo o se entseng. Jonathane a mo tsebisa, a re: Ke fela ke latswitse dinotshi hanyenyane ka ntlha ya lere leo ke neng ke le tshwere; ke nna enwa, nke ke shwe!
Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.