Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:4
30 Referencias Cruzadas  

a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.


ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.


Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!


Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


mme ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.


Ha le fela le ka utlwa ditaelo tseo, la di boloka, mme la etsa ka tsona, Jehova, Modimo wa hao, o tla o bolokela selekane le mohau, kamoo a anetseng bontatao kateng.


O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos