Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:5
31 Referencias Cruzadas  

e le kahobane ba sa ka ba utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa bona, ba mpa ba tlola selekane sa hae sa tsohle tseo Moshe, mohlanka wa hae a neng a di laetse, ba se ke ba utlwa, ba se ke ba etsa.


kahobane ba entse ho leng hobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisitse, haesale ha bontata bona ba etswa Egepeta ho fihlela kajeno.


ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.


Ha ke fapohe ditaelo tsa hao, kahobane ke wena ya nthutang.


Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.


Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova, mme ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.


Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.


Oho Jehova, re itsebela bokgopo ba rona le molato wa bontata rona, hobane re nnile ra o sitelwa.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.


Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.


Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.


Re sitilwe, ra ba ra ikgantsha, mme wena, ha o a ka wa rekolohela.


empa o entse bokgopo, o ikgantsheditse ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsa bahedene, o ikgantsheditse le dikomelo tsa ka ho feta dinaha tse mo teetseng hare, hobane ba lahlile ditaelo tsa ka, mme ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka.


Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.


Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Empa ho Morena, Modimo wa rona, ho na le mohau le tshwarelo, hobane re ikgantsheditse yena.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Haesale mehleng ya bontata lona, la kgeloha ditaelo tsa ka, mme ha le a ka la di boloka; kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla. Mme le re: Re kgutle ho eng?


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos