Joshua 24:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova. BIBELE Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena. |
Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.
Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).
Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.
Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.