Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:4
27 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.


lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.


Akija a tshwara kobo e ntjha eo a e apereng, a e tabola ditsiba tse leshome le metso e mmedi.


Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.


kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.


Ba kileng ba tiisa ka tiiso ya bona, ke Nehemia, mmusisi, mora Hakalia, le Tsedekia,


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:


A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.


Mahakwe a tla bewa ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele, a le leshome le metso e mmedi ka palo ya mabitso a bona; e tla ba a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng le be le lebitso la lona, le ngodilweng ka mokgwa wa tiiso ya mangolo.


Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.


Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.


O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.


Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.


le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


Majwe a leshome le metso e mmedi ao ba neng ba a nkile Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.


Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;


Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos