A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.
Joshua 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno. BIBELE “Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno. |
A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.
Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?
Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,
Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.
ke moo Jehova a tla falatsa pela lona ditjhaba tseno tsohle, mme le tla rua naha ya ditjhaba tse le fetisang ka bongata le ka matla.
O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.
Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.
Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.
Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka pela lona, a di tebele pela lona, le tle le rue lefatshe la tsona, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le boleletse.
Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.