Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:23
13 Referencias Cruzadas  

Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.


Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng.


Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Yaba Aarone o re: Rodisang basadi ba lona le bara ba lona le baradi ba lona masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le ntlisetse wona.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.


Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.


Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos