Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Joshua 22:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na? BIBELE “Re entse hona hobane re ne re tshaba hore ka nako e tlang bana ba lona ba tla re ho bana ba rona: ‘Le kopana ka eng le Morena Modimo wa Iseraele? |
Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Ke moo ho loka ha ka ho tla nkemela mehleng e tlang, mohla o tlang ho bona moputso wa ka; e nngwe le e nngwe e seng tshasana, kapa thoboshana hara dipodi, le e seng kgunwana hara dinku tsa ka, etlaba ke ya boshudu ho nna.
Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.
Etlere ha mora wa hao a o botsa kamoso, a re: Na ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng tsona, di reng?
Ha re ikgahetse aletare, jwaloka eka re ya furalla Jehova leha e le ho hlaba ditjheso le dinyehelo hodima yona, leha e le ho hlaba mahlabelo a teboho hodima yona Jehova e be yena ya batlang taba ena ho rona!
Etswe Jehova a beile Jordane e be moedi mahareng a rona le lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade; ha le na kabelo ho Jehova. Bana ba lona ba ne ba tla etsa hore bana ba rona ba lesele ho tshaba Jehova.
e tle e be pontsho ho lona, hore, ha bana ba lona ba ka le botsa mehleng e tlang, ba re: Majwe aa a reng ho lona?