Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Etswe Jehova a beile Jordane e be moedi mahareng a rona le lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade; ha le na kabelo ho Jehova. Bana ba lona ba ne ba tla etsa hore bana ba rona ba lesele ho tshaba Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena!’ Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:25
13 Referencias Cruzadas  

Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.


Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.


Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.


Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na?


Ke moo re itseng: A re itokiseng, re ikgahele aletare, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo;


e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona le ditloholo tsa rona tse re hlahlamang, ba hore re na le tokelo ya ho etsa tshebeletso ya Jehova pela hae ka ditjheso tsa rona, le ka mahlabelo a rona a dipheko, le ka mahlabelo a rona a teboho; mehleng e tlang, bana ba lona ba tle ba se ke ba re ho bana ba rona: Ha le na kabelo ho Jehova.


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos