Joshua 21:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe. BIBELE Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe. |
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, le ho moprista Eleasare, le ho marena a phutheho, ba re ho bona:
Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.
Ba tla rua metse ho aha teng, le naha e pela yona, e tla ba ya makgomo a bona, le ya dintho tsa bona, le ya diphoofolo tsohle tsa bona.
Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.
Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.
Bana ba Merari ba newa ka matlo a bona metse e leshome le metso e mmedi lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.
Ba newa lelokong la bana ba Juda le lelokong la bana ba Simeone, metse e itseng e boletsweng ka mabitso a yona.