Joshua 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona. BIBELE “ ‘Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona. |
O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,
Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.
hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.
hore mmolai ya bolaileng motho a sa etse ka boomo, a sa hopole, a tle a tshabele teng; mme e tla ba setshabelo sa lona, ha le tshaba mophetetsi wa madi.