Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:7
22 Referencias Cruzadas  

A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.


Motho wa ditjhaba, ya kgomaretseng Jehova, a se ke a hlahisa puo ya ho re: Jehova o tla nkgaola setjhabeng sa hae; le leqhalaha le se ke la re: Ke sefate se omeletseng.


Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.


Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.


Yaba baholo le setjhaba kaofela ba bolella baprista le baporofeta, ba re: Motho enwa ha a lokelwa ke lefu, hobane o buile le rona ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba kaofela sa lefatshe, ba fetileng hara mekgekgetho ya namane;


A re a sa fihla monyako wa Benjamine, molaodi wa dibohodi o ne a le hona teng, lebitso la hae e le Jireja, mora Shelemia, mora Hanania, mme a tshwara moporofeta Jeremia, ka ho re: O ya ineela Bakalde.


Yaba Ebede-Meleke o tswa tlung ya morena, a ya bua le morena, a re:


Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.


ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse wa habo, kgorong ya motse wa habo;


Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos