Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 20:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 hore mmolai ya bolaileng motho a sa etse ka boomo, a sa hopole, a tle a tshabele teng; mme e tla ba setshabelo sa lona, ha le tshaba mophetetsi wa madi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 20:3
8 Referencias Cruzadas  

Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:


Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.


Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.


Empa ha motho a tshoha a otla ngwanabo, e seng ka bora; kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe, a sa etse ka boomo;


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ikgetheleng metse ya ho tshabela teng, eo ke le laetseng yona ka Moshe;


Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos