Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.
Joshua 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna ba re ho yena: Re tla lokoloha kanong ena ya hao eo o re antshitseng ka yona. BIBELE Jwale banna bao ba re ho yena: “Re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona haese ha u ka etsa tjena: |
Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.
O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.
Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.
Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao.
Empa ha o ka tumisa taba ena ya rona, etlaba re lokolohile kanong ya hao eo o re antshitseng ka yona.