Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 30:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Numere 30:2
36 Referencias Cruzadas  

O tla o rapela, mme o tla o utlwa; o tla phetha dikano tsa hao.


ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.


Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse wa habo hampe, ha a nyefole ngwanabo.


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!


Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.


Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.


Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Ke leraba ho motho ho kgethela Modimo ntho ka potlako, le ho belaela ha ho se ho annwe.


Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.


Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano,


Hahelang bana ba lona metse, le mehlape ya lona masaka, mme le etse ka tse tswileng melomong ya lona.


Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.


Hape le re: Motho ha a anne ka aletare, ha ho nang; empa ha a anne ka kabelo e hodima yona, o tlamilwe.


Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.


Ba ya ho baprista ba baholo le ho baholo, ba re: Re ikanne ka ho hlapanya, hore re ke ke ra ja letho, re eso ho bolaye Pauluse.


Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.


Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;


Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.


Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos