hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.
Joshua 19:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa. Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona. BIBELE Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona. |
hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.
Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao.