Joshua 19:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona. BIBELE Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona. |
Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona.
a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
Haele tsa Nefthali, a re: Nefthali, o kgotshe melemo, mme o tletse hlohonolofatso ya Jehova. Rua Bophirimela le Borwa.
Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane.
Nefthali yena ha a ka a leleka ba ahileng Bethe-Shemeshe, leha e le ba ahileng Bethe-Anathe; a nna a aha le Bakanana ba ahileng naheng eo; ba ahileng Bethe-Shemeshe le Bethe-Anathe ba mpa ba mo ntshetsa lekgetho.
Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.