Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.
Joshua 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile banna bao ba tloha, ba ya le naha, ba lekanya metse ya yona ho e etsa dikarolo tse supileng, ba e ngola bukeng, ba ntoo boela ho Joshua, diahelong tse Silo. BIBELE Banna bao ba tloha, ba lekola naha, ba e ngodisa bukeng ho ya ka metse ya yona, ba e arola dikarolo tse supileng, jwale ba kgutlela ho Joshua diahelong tsa Shilo. |
Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.
Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona.
Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova.