Joshua 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kabelo e laoletsweng leloko la bana ba Benjamine ya eba ka matlo a bona; naha eo ba e laoletsweng ya eba mahareng a bana ba Juda le bana ba Josefa. BIBELE Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa. |
Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.
Ekare ha motseng o mong wa metse ya hao eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o fa yona ho aha teng, o utlwa ho thwe:
Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona.
Nqa leboya, moedi wa bona o tloha Jordane; moedi o boela o leba mabapa le Jeriko nqa leboya, o nyolosetsa thabeng, nqa bophirimela, mme o ya fella feelleng la Beth-Avene.