Joshua 15:47 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona. BIBELE E ntano ba Ashedode, le metse le metsana ya yona, le Gasa, le metse le metsana ya yona, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, le Lewatleng le Leholo, le mabopong a lona. |
A hlola Bafilesta ho fihlela Gasa le mathoko a teng, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.
A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.
Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.
Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.
Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?
Hobane Gasa o tla tlohelwa, Ashkelone a fetohe nahathothe; Ashdode ba tla mo leleka motshehare o moholo, Ekrone a fotholwe.
Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.
Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]
Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.
ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.
o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa.