A tswala le Shaafe ntata Madmanna, Sheva ntata Makbena le Gibea; moradi wa Kalebe e ne e le Aksa.
Joshua 15:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae. BIBELE Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.” |
A tswala le Shaafe ntata Madmanna, Sheva ntata Makbena le Gibea; moradi wa Kalebe e ne e le Aksa.
A ntoo tloha teng ho ya lwantsha ba ahileng Debire; bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere.
Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.
Adoni-Beseke a baleha, mme ba mo phallela, ba mo tshwara, ba mo poma menwana e metona ya matsoho le ya maoto.
Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.