Ka nqa bophirimela, ke Lewatle le Leholo, ho tloha moeding o maloka le tsela ya Hamathe. Ke oo moedi ka nqa bophirimela.
Joshua 15:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona. Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona. BIBELE Ka bophirimela moedi e ne e le Lewatle le Leholo le lebopo la lona. Ona ke wona moedi wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona. |
Ka nqa bophirimela, ke Lewatle le Leholo, ho tloha moeding o maloka le tsela ya Hamathe. Ke oo moedi ka nqa bophirimela.
Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.
Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.
Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.
Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya.