Joshua 14:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, Moshe a nkanela, a re: Kannete, lefatshe leo maoto a hao a ileng a le hata e tla nne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane o latetse Jehova, Modimo wa ka, kahohle. BIBELE Ka lona letsatsi leo, Moshe a hlapanya, a re: ‘Ruri, naha eo leoto la hao le kileng la hata hodima yona, e tla ba ya hao, le ya bana ba hao kamehla, hobane o ile wa latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.’ |
Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.
haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.
Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.
Ke le neile sebaka sefe le sefe moo le tla hata ka bohato ba maoto a lona, jwalokaha ke boleletse Moshe;
Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.
Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.