Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.
Joshua 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka mokgwa oo Hebrone e bileng lefa la Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, ho fihlela kajeno; hobane o kile a latela Jehova, Modimo wa Iseraele, kahohle. BIBELE Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala. |
Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.
Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.
Yaba Joshua o a mo hlohonolofatsa, a nea Kalebe, mora Jefunne, Hebrone, ho ba lefa la hae.
Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.