Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Joshua o a mo hlohonolofatsa, a nea Kalebe, mora Jefunne, Hebrone, ho ba lefa la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:13
16 Referencias Cruzadas  

Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.


Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,


Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,


Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.


Ke ka mokgwa oo Hebrone e bileng lefa la Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, ho fihlela kajeno; hobane o kile a latela Jehova, Modimo wa Iseraele, kahohle.


Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, a ba kgutlisa, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.


Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


le ho ba Hebrone, le hohle moo Davida le banna ba hae ba neng ba tsamaela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos