Joshua 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Joshua o a mo hlohonolofatsa, a nea Kalebe, mora Jefunne, Hebrone, ho ba lefa la hae. BIBELE Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae. |
Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.
Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,
Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.
Ke ka mokgwa oo Hebrone e bileng lefa la Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, ho fihlela kajeno; hobane o kile a latela Jehova, Modimo wa Iseraele, kahohle.
Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.
Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.
Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.
Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.