Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:17
14 Referencias Cruzadas  

Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.


Morena a re ho yena: Eya ka kgotso. Kahoo a tloha, a ikela Hebrone.


Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso. A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.


Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.


Jesu a mpa a re ho mosadi: Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.


Jesu a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.


Moprista a re: Eyang ka kgotso; leeto la lona leo le le nkileng le pela Jehova.


O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka.


Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.


Ha ho le jwalo, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa halefisa marena a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos