Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:17 - BIBELE

17 Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:17
14 Referencias Cruzadas  

Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.


Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Abosalome a tsamaya, a ya Heborone.


Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!”


Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”


O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.”


Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”


Ka baka lena he, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa kgopisa mahosana a Bafilesita.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos